Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 mme ke tla nne ke eketse, ke ipee lefeela ho feta le kajeno, ke nne ke iketse e monyenyane mahlong a ka; haele makgabunyane ao o a boletseng, wona a tla ntlhonepha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ke hona ke sa tla itlotlolla le ho feta mona, ke be ke bone hore ke itheoletse fatshe, empa makgabunyane ao, ao o buang ka wona, wona a tla ntlhompha.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:22
16 Referencias Cruzadas  

ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;


Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a tswala bana le ho isa tsatsing la ho shwa ha hae.


Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong.


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Jehova, pelo ya ka ha e na boikgohomoso, mahlo a ka ha a phahame, ha ke a ka ka tsamaya ho tse phahameng, tse mphetisang ka boholo.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Petrose a sa ntse a le katlase, lebaleng, ha fihla lekgabunyane le leng la moprista e moholo.


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.


Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos