Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:20
23 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.


Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.


A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.


Yaba setjhaba sohle se ikela e mong le e mong tlung ya hae; le yena Davida a ikela a tle a hlohonolofatse ntlo ya hae.


ke bana ba mahlanya, ke bana ba ba se nang lebitso; ba lelekilwe lefatsheng hara batho.


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna.


O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?


Petrose a sa ntse a le katlase, lebaleng, ha fihla lekgabunyane le leng la moprista e moholo.


Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa.


A tla le ho Simone Petrose; eo a mpa a re ho yena: Morena, na wena o ka hlatswa maoto a ka na?


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.


Haele bara ba Saule, e ne e le Jonathane, le Jishvi, le Malkishua; mabitso a baradi ba hae ba babedi ke ana: lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, lebitso la e monyenyane e le Mikale.


Haele Mikale, moradi e mong wa Saule, o ne a rata Davida. Saule ha a tsebiswa, taba eo ya mo kgahla,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos