Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:18
16 Referencias Cruzadas  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.


Ebile morena o reteletsa sefahleho sa hae, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele e ntse e eme,


a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:


A ema, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele ka lentswe le phahameng, a re:


Eitse hobane Davida a qetele ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova;


Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.


Esekiase le mahosana ba ya bona ditha, mme ba boka Jehova le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;


le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!


Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, a ba kgutlisa, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos