Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mohlang oo, morena le banna ba hae ba futuhela Jerusalema, ho ya lwantsha Bajebuse ba neng ba ahile fatsheng la teng. Bajebuse ba bolella Davida, ba re: O ke ke wa kena kwano; esita le difofu le dihole di ka o leleka. E be e le ho re, Davida a ke ke a kena teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Kgosi le banna ba yona ba ya Jerusalema, ba futuhela Bajebuse bao e neng e le baahi ba naha eo. Bajebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona; difofu le diritsa di tla o thiba.” Ka ho rialo ba ne ba re: “Davida a ke ke a kena mona.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:6
13 Referencias Cruzadas  

Melkisedeke, morena wa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le yena moprista wa Modimo o hodimodimo.


Ka wena, nka itihela hodima lekgotla la dira; ka Modimo wa ka, nka tlola lerako.


Ya bohlale o tlola motse wa dinatla, o diha qhobosheane eo ba neng ba e tshepa.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.


Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;


Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:


Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.


Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.


Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.


Yaba bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba o kena; ba bolaya baahi ba teng ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos