Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Davida ha a botsa Jehova, Jehova a re: O se ke wa ya pontsheng; o ba pote kamorao, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a re: “O se ke wa ba futuhela o ba tobile; o ba pote kamorao, o ba futuhele o se o hlaha pela difate tsa monokotshwai.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:23
10 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo wa re ho yena: O se ke wa ba latela; o mpe o ba kgelohe, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.


Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.


Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona.


Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.


Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos