Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Abnere a halefa haholo ke polelo tsa Ishe-Boshethe, a re: Na o re, ke hlooho ya ntja e sebeletsang Juda? Le kajeno, ke ntse ke etsetsa ntlo ya ntatao Saule, le banababo, le bahabo, ka mohau; hape, ha ke a ka ka o neela matsohong a Davida! Leha ho le jwalo o ntjarisa molato kajeno ka mosadi enwa na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale Abinere a halefiswa haholo ke mantswe ao a Ishe-Boshete, mme a re: “Na nna ke ntja e lefuwang ka lesapo naheng ee ya Juda? Ke ile ka tshepahala ho ba lelapa la ntatao Saule, le ho bana babo, le ho metswalle ya hae; ebile ha ke a neelana ka wena matsohong a Davida; feela o nqosa ka phoso ya ho bokana le mosadi eo!

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:8
16 Referencias Cruzadas  

Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.


Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Etsang jwale, etswe Jehova a boletse bakeng sa Davida, a itse: Ke ka letsoho la mohlanka wa ka Davida, ke tla namolela setjhaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilesta, le matsohang a dira tsohle tsa sona.


Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,


Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?


Hasaele a re: Mohlanka wa hao keng haele moo ke le ntja feela, hore ke etse tse kalo? Elisha a re: Jehova o mpontshitse hobane o tla ba morena wa Siria.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!


O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


Mofilesta a re ho Davida: A ke ntja, ha o tlile ho nna ka melamu? Yaba Mofilesta o rohaka Davida ka medimo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos