Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Setjhaba sohle sa ntoo tla ho Davida, sa re, a je dijo e sa le motshehare. Davida a mpa a hlapanya, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha nka utlwa bohobe, leha e le eng, tsatsi le eso ho dikele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:35
13 Referencias Cruzadas  

Ba hlomoha, ba lla, ba itima le dijo, ya ba ya eba mantsiboya, ka baka la Saule, le mora hae Jonathane, le setjhaba sa Jehova, le ntlo ya Iseraele, hobane ba dihilwe ka lerumo.


Baholo ba ntlo ya hae ba mo phehella hore ba mo tsose fatshe, a mpa a hana, a hana le ho ja dijo le bona.


Matsoho a hao a ne a sa ka a tlangwa, le maoto a hao a ne a sa ka a tshwaswa ka mahlaahlela; o wele ka mokgwa wa motho ya wang pela bakgopo! Teng, setjhaba sohle sa eketsa ho mo llela.


Setjhaba sohle ha se utlwa hoo, sa kgahlwa ke hona, jwalokaha setjhaba sohle se be se ntse se kgahlwa ke tsohle tse etswang ke morena.


Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,


banna bohle ba matla ba ya, ba tlosa setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae, ba di tlisa Jabeshe. Ba pata masapo a bona tlasa sefate sa terebinthe se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Ha ho e mong wa bona ya tla ngwathelwa bohobe dillong ho mo tshedisetsa mofu wa hae, mme ha ba ka ke ba noswa seno sa tshediso ka baka la ntata bona, leha e le mma bona.


O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.


Le tla etsa jwalokaha ke entse; le ke ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja bohobe ba bofifi.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.


Ke tla shwa moo o shwang, ke epelwe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka kgaohana le wena, haese ka lefu.


Eli a re: Taba ke efe eo a o boleletseng yona? O se ke wa mpatela. Modimo o o etse ka hore le ka hore, ha o ka mpatela taba e nngwe ya tsohle tseo o o boleletseng tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos