Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Davida a eketsa a re ho Joabe le ho setjhaba sohle seo a nang le sona: Haholang diaparo tsa lona, le itlame matheka ka masela a mahwashe, mme le llele Abnere. Morena Davida a ya, a latela mojaro wa mofu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Jwale Davida a re ho Joabe le ho batho bohle ba neng ba ena le yena: “Haholang diaparo tsa lona, le apare mekotla, le tsamaye kapele ho setopo sa Abinere le ntse le mo llela.” Kgosi Davida yena a sala setopo morao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:31
12 Referencias Cruzadas  

Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,


Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Ebile Davida o tshwara diaparo tsa hae, a di hahola; le banna ba ho yena ba etsa jwalo.


Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.


Yaba bahlanka ba hae ba re ho yena: Re utlwile ha ho thwe: Marena a ntlo ya Iseraele ke marena a mosa; a re itlameng matheka ka masela a mahwashe, re rwale dithapo hloohong, re ye ho morena wa Iseraele; ekaba o tla o tlohela o phele.


Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.


Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena tlung ya Jehova.


Hape, a romela Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ba ikapesitse ka masela a mahwashe, ho moporofeta Esaia, mora Amose.


Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos