Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ebile Abnere o romela Davida manqosa a tswang ho yena, a re: Lefatshe ke la mang na? A eketsa a re: Hlaba selekane le nna; o tla bona letsoho la ka le o emela, hore ke sokollele Baiseraele bohle ho wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Abinere a roma maqosa ho Davida, a re: “Naha ee ke ya mang?” A boela a re: “Bona mona, a re etse selekane le wena, mme ke tla o thusa hore Baiseraele bohle ba o sale morao.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:12
15 Referencias Cruzadas  

A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.


Jwale, banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena, ba re ho morena: Na banna ba Juda, bao e leng banababo rona, ba o utsweditseng ho rona, ba bile ba tshedisitse morena le ba ntlo ya hae, le banna bohle ba Davida Jordane?


O rata ba o hloileng, o hloile ba o ratang, etswe kajeno o bontshitse hobane ha o re letho ka balaodi le ka bahlanka ba hao; ke lemoha kajeno hobane, le hojane Absalome a pholohile, rona bohle re mpa re shwele kajeno, ho ka be ho lokile mahlong a hao.


Mme Ishe-Boshethe a sitwa ho fetola Abnere ka taba leha e le nngwe ke ho tshaba.


Davida a re: Ke teng, ke tla hlaba selekane le wena; ke mpa ke batla taba e le nngwe feela ho wena, ke re, o ke ke wa bona sefahleho sa ka, haese ha o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, ebe mohla o tla tla mpona.


Teng Abnere a re ho Davida: Ha nke ke tlohe, ke ye, ke bokellele morena, monga ka, Baiseraele bohle, ba tle ba hlabe selekane le wena, wena o buse kahohle kamoo pelo ya hao e ratang kateng. Davida a fa Abnere tsela, a itsamaela ka kgotso.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Morena a boela a re ho bahlanka ba hae: Na ha le tsebe hobane kajeno ho wele morena, motho e moholo Iseraeleng na?


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos