Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke ana mabitso a dinatla tsa Davida: Joshebe-Bashebethe, wa Thakhemone, hlooho ya balaodi. A betsa ka lerumo la hae, mme ka tsatsi le le leng, a hlaba batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ana ke mabitso a bahale ba Davida: Ishe-Boshete wa Motakemone, e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a robedi ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:8
8 Referencias Cruzadas  

Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


Ke tsena dihlooho tsa banna ba bahale ba Davida, ba nnileng ba mo emela boreneng ba hae, ba ena le Baiseraele bohle, ba tle ba mmee morena, ka polelo e neng e boletswe ke Jehova bakeng sa Iseraele.


Bana ke bana ba Iseraele ka palo ya bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba bona, ba neng ba sebeletsa morena tabeng tsohle tsa dihlopha, kamoo di neng di tshwanetse ho kena le ho tswa mosebetsing kateng, ka kgwedi e nngwe le e nngwe, kgweding tsohle tsa selemo; hlopha se seng le se seng e ne e le sa batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Molaodi wa hlopha sa pele, kgweding ya pele, e ne e le Jashobeame, mora Sabdiele; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Haele Jonathane, maloma Davida, e ne e le monna wa lekgotla, motho ya kelello, ya rutehileng. Jehiele, mora Hakmoni, o ne a dula le bara ba morena.


A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos