Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 23:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 E mong ke Abishai, ngwanabo Joabe, mora Tseruja; ke e mong e moholo ho ba bararo ba bang; a betsa ka lerumo la hae, a hlaba ba makgolo a mararo, a iketsetsa lebitso hara ba bararo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:18
11 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba setseng a ba nea Abishai moenae, hore a ba lokise ho ya kopanya ntwa le bana ba Ammone.


Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.


Karolo ya boraro ya setjhaba, Davida a e laola le Joabe; karolo e nngwe ya boraro le Abishai mora Tseruja, ngwanabo Joabe; le karolo e nngwe ya boraro le Ittai wa Gathe. Morena a ba a re ho setjhaba: Le nna ke tla ya le lona.


Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng. Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.


Ho ba bararo, ya eba yena ya roriswang; ya eba monga bona ke hona, a mpa a sa fihle ho ba bararo ba pele.


Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.


dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.


Leha e mong a ka tla tsohela ya nnotshi matla, ha ba le babedi, ba ka mo hlola; le lona leqhwele le meloho e meraro ha le phakise ho kgaoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos