Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yena a ema, a bolaya Bafilesta, ha ba ha kgathala letsoho la hae, la kgomarela sabole. Ke ka yena Jehova a namoletseng Baiseraele haholo mohlang oo, setjhaba sa ba sa kgutla le yena e le hore se hape feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 A lwana senna, a bolaya Bafilesita ho fihlela letsoho le kgathala, le shwella bohatsu saboleng. Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo mohlang oo, mme hamorao bahale ba kgutla le mehlala ho tla hlobodisa ditopo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:10
20 Referencias Cruzadas  

Eo a mpa a ema bakeng seo, a lwanela setjhaba, a bolaya Bafilesta. Jehova a namolela Baiseraele haholo le ka yena.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ke yena ya neng a emele Davida Pase-Dammime. Bafilesta ba ne ba phuthehetse teng ka ntwa; teng, ho ne ho na le lebatowa la tshimo le tletseng harese; ke mohla setjhaba se neng se balehetse Bafilesta.


Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tlang ho hatakela dira tsa rona ka maoto.


wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.


Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.


Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.


A nyorwa haholo, mme a howeletsa ho Jehova, a re: Ha o etseditse mohlanka wa hao thuso e kalo, ho tla ba jwang leha nka shwa jwale ke lenyora, ka wela matsohong a maqai?


Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.


Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela Bafilesta, ba hapa le diahelo tsa bona.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos