Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.
Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.
ke moo o tla ithabela ho Jehova, mme ke tla o haodisa diphahameng tsa naha jwaloka ha eka o kaletse pere; o tla ja lefa la Jakobo, ntatao moholo, hobane molomo wa Jehova o boletse jwalo.
Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be jwaloka a dikgama; o tla ntsamaisa hodima nqalo tsa ka tse phahameng. Ho mophokodi. Ka diletsa tsa ka tse tidinngwang.
O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;