ke thuso ya ka, le qhobosheane ya ka, tora ya ka e phahameng, le monamoledi wa ka, thebe ya ka, le palehelo ya ka; ke yena ya kokobetsang setjhaba sa katlasa ka.
O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.
Saule a ya jwalo le banna ba hae ho batla Davida. Davida a tsebiswa, a ba a theohela lefikeng, a dula feelleng la Maone. Saule ha a utlwa, a phallela Davida feelleng la Maone.