Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 21:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:9
13 Referencias Cruzadas  

a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.


Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Lene le harese di ne di otlilwe, hobane harese e ne e se e tswetse, mme lene e ne e se e na le dipalesa;


empa koro le mabele di ne di sa ka tsa otlwa, hobane di dieha ho mela.


Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.


Etlere ha motho a entse sebe se lokelwang ke lefu, mme a bolawa, wa mo fanyeha sefateng,


Ke hona ho kgutla ha Naomi, ba ena le Ruthe wa Moabe, ngwetsi ya hae, ha ba etswa naheng ya Moabe. Ba fihla Bethlehema, batho ha ba qala ho hela harese.


Samuele a mpa a re: Jwalokaha lerumo la hao le hlokisitse basadi bana, le mmao o tla hlokiswa bana hara basadi. Samuele a ba a pomahanya Agage, pela Jehova, Gilgale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos