Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Davida a re ho Abishai: “Sheba, mora wa Bikiri, o kotsi ho rona le ho feta Abosalome. Phutha bahlanka ba monga hao, o mo phaladise, esere a kena metseng e nang le diqhobosheane, mme a re phonyoha.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:6
17 Referencias Cruzadas  

Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.


Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.


Monna eo a re ho Joabe: Le hojane nka newa dishekele tse sekete matsohong a ka, ke be nke ke ka isa letsoho la ka ho ngwana morena, etswe morena a o laetse, wena le Abishai le Ittai, re ntse re utlwa, a re: Bonang hore ho se be motho ya amang mohlankana Absalome.


Karolo ya boraro ya setjhaba, Davida a e laola le Joabe; karolo e nngwe ya boraro le Abishai mora Tseruja, ngwanabo Joabe; le karolo e nngwe ya boraro le Ittai wa Gathe. Morena a ba a re ho setjhaba: Le nna ke tla ya le lona.


Ema jwale, o tswe, o bue hantle le bahlanka ba hao; hobane ke hlapanya ka Jehova, ke re, ha o sa tswe, ho ke ke ha sala motho le a mong le wena bosiung bona boo, mme kotsi ena e tla fetisa dikotsi tsohle tse o hlahetseng haesale le botjheng ba hao, le ho tlisa nakong ya jwale.


Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele.


E mong ke Abishai, ngwanabo Joabe, mora Tseruja; ke e mong e moholo ho ba bararo ba bang; a betsa ka lerumo la hae, a hlaba ba makgolo a mararo, a iketsetsa lebitso hara ba bararo.


Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;


Abishai, moena Joabe, e ne e le hlooho ya ba bararo bao. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya, mme a iketsetsa lebitso hara ba bararo bao.


Abishai mora Tseruja, a qhala Baedomo Thoteng ya Letswai, e le batho ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya;


Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos