Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 a re ho morena: Oho monghadi, o se ke wa mpea molato, le ho hopola o se ke wa hopola kamoo mohlanka wa hao a kileng a o sitelwa kateng, mohla morena, monga ka, a neng a tlohile Jerusalema; morena a se ke a elellwa taba eo pelong ya hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 a re ho yona: “Monga ka, o se ke wa ntadima ke le motho ya kgopo, mme o se ke wa hopola bobe boo mohlanka wa hao a neng a bo etse ka letsatsi leo monga ka, kgosi ya ka, a neng a tloha Jerusalema ka lona. Kgosi e se ke ya ntjara ka pelo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:19
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Absalome, kgaitsedi ya hae, o re ho yena: Na Amnone, kgaitsedi ya hao, o kile a ba le wena na? Oho, kgaitsedi ya ka, o ke o kgutse jwale, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa hlabeha ke taba eo pelong ya hao. Yaba Tamare o ya dula ha Absalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.


Jwale, morena, monga ka, a se ke a lekanya hore ekaba ho shwele bara bohle ba morena; ho shwele Amnone a nnotshi.


Ba tshedisa le sekepana sa ho tshedisa ba ntlo ya morena, le ho etsa kahohle kamoo a ka ratang kateng. Haele Shimei, mora Gera, eitse hobane morena a tshele Jordane, a itihela fatshe pela morena,


Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa mmalleng bokgopo ba hae, eo thetso e leng siyo pelong ya hae!


O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo.


Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


Yaba Aarone o re ho Moshe: Oho, monga ka, ke a o rapela, o se ke wa bea hodima rona sebe seo re se entseng ka bowatla, seo re sitilweng ka sona.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.


Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.


Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos