Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 18:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Haele Davida, o ne a dutse pakeng tsa kgoro tse pedi, molebedi a ntse a tsamaya hodima lerako, hodima monyako. Ha a tadima, a bona ho hlaha monna ya mathang a nnotshi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:24
10 Referencias Cruzadas  

Haele Absalome yena, a baleha. Yaba mohlanka ya lebelang, ha a emisa mahlo ho tadima, a bona ho hlaha batho ba bangata ba tsamayang ka tsela e sikang le thaba.


A mpa a re: Leha ho ka ba jwang le jwang, ke rata ho matha. Joabe a re ho yena: Matha. Ebile Akimaatse o matha ka tsela ya lehwatata la Jordane, a ba a feta Kushi.


Molebedi a hoeletsa, a tsebisa morena. Morena a re: Ha a le nnotshi, ke ya tlisang ditaba. A nna a tsamaya, a atamela.


Morena a re ho bona: Ke tla etsa se leng setle mahlong a lona. Yaba morena o ya ema pela kgoro ya motse, mme setjhaba kaofela sa tswa ka makgolo le ka dikete.


Ebile morena o tsoha, a ya dula kgorong, mme setjhaba sohle sa tsebiswa, ha thwe: Bonang, morena o dutse kgorong; mme setjhaba sohle sa itlisa teng pela morena. Haele Baiseraele, ba ne ba balehetse e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Ha a fihla, Eli o ba a dutse setulong pela tsela, a lebeletse; hobane pelo ya hae e be e thothomella areka ya Modimo. Monna eo a kena, a behela motse ditaba, mme motse wohle wa bokolla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos