Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 18:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Joabe a re: Ha ke na ho dieha hakalo ka baka la hao. Yaba o nka marumo a mararo letsohong la hae, a hlaba Absalome pelong ka wona, Absalome a ntse a le hara sefate sa terebinte, a sa utlwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:14
14 Referencias Cruzadas  

Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.


A ba a re ho bahlanka ba hae: Le a e bona tshimo ya Joabe hobane e haufi le ya ka; e na le harese; eyang, le e tjhese. Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo.


Bahlankana ba leshome, mahlahana a Joabe, ba teela Absalome hare, ba mo hlaba, ba mmolaisa.


Morena a laela Joabe le Abishai le Ittai, a re: Baballang mohlankana Absalome ka baka la ka. Le setjhaba sohle sa utlwa, ha morena a laela balaodi bohle ba ntwa bakeng sa Absalome.


Yaba Joabe o a tsebiswa, ha thwe: Bona, morena o a lla, o llela Absalome.


Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;


Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.


Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Yaba Jaele, mosadi wa Hebere, o nka sethakgisa sa tente, a tshwara le noto ka letsoho la hae; a atamela Sisera ka ho nanya, a ntse a robetse haholo, a kgathetse, mme a mo hlaba hlafunelong ka sethakgisa, sa ba sa tshwela fatshe. Sisera a shwa jwalo.


Ka letsoho la hae a tshwara sethakgisa; ka letsoho la hae le letona a tshwara noto ya lelala; mme ka noto a otla Sisera, a mo hlaba hloohong, a mo pshatla, a mo phunya hlafunelo.


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos