Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke le mohlanka wa hao, ke sa le Geshure wa Siria, nkile ka hlapanya ka kano, ka re: Ha Jehova a ka mpusetsa hantle Jerusalema, ke tla sebeletsa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:8
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Joabe o tloha, a ya Geshure, a kgutlisetsa Absalome Jerusalema.


Absalome a re ho Joabe: Bona, nkile ka romela ho wena, ka re: Tloo kwano, ke tle ke o romele ho morena, ka ho re: Ke tlohetseng Geshure? Ho ka be ho le molemo, hojane ke sa le hona teng. Jwale, a nke ke bone sefahleho sa morena; leha ke ena le molato, a mpe a mpolaye.


Morena a re ho yena: Eya ka kgotso. Kahoo a tloha, a ikela Hebrone.


wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;


Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho.


Ha o ikanela ho Modimo ka kano, se diehe ho e phetha; hobane ha o kgahlwe ke mawatla. Phetha kano eo o e entseng.


Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos