Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Absalome a romela le ho bitsa Akitofele Mogilone, moeletsi wa Davida, Gilo, motseng wa habo, nakong eo a neng a hlaba mahlabelo. Morero wa ba kwenehetseng morena wa tiya, le batho ba tlang ho Absalome ba nna ba eketseha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:12
26 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


Haele Absalome, o ne a tlile Jerusalema, a ena le setjhaba sohle sa Iseraele, a ena le yena Akitofele.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


le Elifelethe, mora Akasbai, mora Momaakathe; le Eliame, mora Akitofele, wa Gilo;


Ba bolela letsatsi la ho itima dijo, ba bea Nabothe kapele ho setjhaba.


Mangolo ao o ne a ngodile, a re: Bolelang letsatsi la ho itima dijo, le bee Nabothe kapele ho setjhaba;


Akitofele e ne e le moeletsi wa morena; Hushai Moarke yena e ne e le motswalle wa morena.


Empa wena, Jehova, o nkutlwele bohloko, o ntsose, ke tle ke tsebe ho ba buselletsa se ba lokelang.


Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tsa dikgomo tse supileng, le dipheleu tse supileng.


A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.


Balake a etsa kamoo Balaame a mmoleletseng kateng, a hlaba poho le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.


Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.


Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.


Goshene, Holone, le Gilo; ke metse e leshome le motso o mong, le metsana ya yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos