Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa Absalome a roma manqosa melokong yohle ya Iseraele, a reng. Etlere ha le utlwa modumo wa terompeta, le ke le re: Absalome ke morena Hebrone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: ‘Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!’ ”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:10
16 Referencias Cruzadas  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


A ba a re ho bahlanka ba hae: Le a e bona tshimo ya Joabe hobane e haufi le ya ka; e na le harese; eyang, le e tjhese. Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo.


Morena a re ho yena: Eya ka kgotso. Kahoo a tloha, a ikela Hebrone.


Haele Absalome eo re neng re itlotseditse yena, o shwele ntweng; ha le bolele keng lentswe la hore ho boele ho latwe morena?


Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.


A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.


Ebile moo Nathane a bolellang Bathe-Sheba, mmae a Salomone, a re: Na ha o eso ho utlwe hore Adonija, mora Haggithe, o ipeile morena, athe Davida morena wa rona ha a tsebe?


a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone; Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova; mme ba tlotsa Davida, ho mo etsa morena wa Iseraele, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka Samuele.


Haele banna ba hlomeletseng ntwa, ba neng ba tle ho Davida, Hebrone, ho fetisetsa borena ba Saule ho yena, ka taelo ya Jehova, palo ya bona ka dihlooho tsa bona ke ena:


Bao kaofela, e leng banna ba ntwa, ba tsebang ho ema ka ho itlhopholla, ba tla Hebrone ka pelo tse phethehileng, ho bea Davida morena wa Baiseraele bohle; le Baiseraele ba bang bohle ba ne ba le pelo e le nngwe ho bea Davida morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos