Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 14:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama, a boka morena. Joabe a ba a re: Kajeno lena, mohlanka wa hao o tseba hobane o bone mohau ho wena, monga ka, hobane morena o entse se kopilweng ke mohlanka wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:22
13 Referencias Cruzadas  

Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.


Empa Nowe a fumana mohau pela Jehova.


Ebile morena o re ho Joabe: Bona, ke ya e etsa taba eo; eya, o late mohlankana Absalome.


Yaba Joabe o tloha, a ya Geshure, a kgutlisetsa Absalome Jerusalema.


Ha ho le jwalo, mosadi eo wa Tekowa a tla, a bua le morena; a fihla a inamela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Thusa, morena!


Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.


Setjhaba sa hlohonolofatsa batho bohle ba ithaopileng ka thato ya bona ho aha Jerusalema.


tsebe e neng e nkutlwa, e ne e re ke lehlohonolo; leihlo le neng le mpona, le ne le nthorisa.


mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;


Bara ba hae ba tsoha, mme ba mmitsa ya lehlohonolo. Monna wa hae le yena o a mo rorisa,


Ruthe wa Moabe a re ho Naomi: Ntumelle hle, ke ye masimong, ke thonake diqwapi ke setse ba ka nkgauhelang morao. Naomi a re ho yena: O ka ya, moradi wa ka.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos