Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 14:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Morena a re: Ha ke re, letsoho la Joabe le na le wena tabeng tseo tsohle na? Mosadi a araba, a re: Oho morena, monga ka ka moya wa hao o phelang, taba eo ya hao ha e kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi; efela e dutse kamoo e boletsweng kateng ke morena, monga ka; efela ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng, ya beileng le taba tsena tsohle molomong wa lekgabunyane la hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?” Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:19
22 Referencias Cruzadas  

Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.


Morena a araba, a re: O se ke wa mpatela taba leha e le nngwe eo ke tla o botsa yona. Mosadi a re: Bua, morena, monga ka.


o ntano hlaha pela morena, o bue le yena ka hore le ka hore. Mme Joabe a mo kenya ditaba molomong.


Le hojane ka etsa ke pata, haele mona ho se taba e ka patelwang morena, le wena o ka be o mpoletse.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


Matsoho a hao a ne a sa ka a tlangwa, le maoto a hao a ne a sa ka a tshwaswa ka mahlaahlela; o wele ka mokgwa wa motho ya wang pela bakgopo! Teng, setjhaba sohle sa eketsa ho mo llela.


Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.


O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.


Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena.


O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o mpe o tshabise leoto la hao bobe.


O re dumelle ho feta ka naha ya hao; re ke ke ra tsamaya hara masimo, leha e le hara merara, mme re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re sa kgelohele ho le letona, kapa ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Hape, ke ha o ke ke wa fapoha taba leha e le nngwe ya tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, leha e le ho ya letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi, ho latela medimo esele, le ho e sebeletsa.


Itiiseng ke hona, le etse jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le laetse. Le se ke la fapohela letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos