Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ebile morena o a ema, a hahola diaparo tsa hae, a robala fatshe; le bona bahlanka bohle ba hae ba tla, ba ema pela hae, ba hahotse diaparo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Jwale kgosi ya ema, ya hahola diaparo tsa yona, ya tjapalla fatshe. Bahlanka bohle ba kgosi ba ema pela kgosi, diaparo tsa bona di hahotswe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:31
8 Referencias Cruzadas  

Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,


Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Ebile Davida o tshwara diaparo tsa hae, a di hahola; le banna ba ho yena ba etsa jwalo.


Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.


Ha ba sa le tseleng, taba tseo tsa fihla ho Davida, ha thwe: Absalome a bolaile bara bohle ba morena; ha ho a ka ha tlola le a mong.


Davida a eketsa a re ho Joabe le ho setjhaba sohle seo a nang le sona: Haholang diaparo tsa lona, le itlame matheka ka masela a mahwashe, mme le llele Abnere. Morena Davida a ya, a latela mojaro wa mofu.


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos