Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Tamare o ne a na le kobo e mebalabala, hobane e ne e le sona seaparo se aparwang ke baradi ba morena ha e ntse e le barwetsana. Yaba mohlanka wa Amnone o mo ntshetsa ntle, a mo kwalla lemati.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Mosadi enwa o ne a apere seaparo se mebalabala, hobane baradi ba kgosi, bao e ntseng e le barwetsana, ba ne ba apara jwalo. Mohlanka wa Amanone a ntsha Tamare, a mo notlella kantle.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:18
7 Referencias Cruzadas  

Yare ha Josefa a fihla ho banababo, ba hlobodisa Josefa seaparo sa hae, seaparo se mebalabala seo a se apereng;


Iseraele o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela, kahobane e le mora wa botsofadi ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se mebalabala.


Ba romela seaparo se mebalabala, ba se isa ho ntata bona, ba re: Re fumane ntho ena; ako e tsebe hore na ke seaparo sa mora hao, kapa ha se sona?


a bitsa mohlanka wa hae ya mo sebeletsang, a re: Lelekela mosadi eo ntle, a tlohe pela ka, o mo kwalle lemati.


Ehude a ntoo tswa ka mathule, a kwalla morena ka mamati a ntlo e kahodimo, mme a a tiisa ka senotlolo.


a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos