Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mofutsana o ne a se na letho haese konyana e le nngwe e nyenyane e tshehadi, eo a e rekileng, a e fepile, e hotse ha hae hammoho le bana ba hae, e ntse e eja dijo tsa hae, e enwa mohopeng wa hae, e robala sefubeng sa hae, ho yena eka ke moradi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:3
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o romela ho botsa tsa mosadi eo. Ha thwe: Na hase Bathe-Sheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uria, Mohethe na?


Morui o ne a na le dinku le dikgomo tse ngatangata.


Ha mpa ha fihla moeti ha morui; yena a ba leqe ho nka dinkung tsa hae le dikgomong tsa hae ntho e lokisetswang moeti ya fihletseng ha hae, a ya nka konyana ya mofutsana, a e lokisetsa motho ya fihlileng ha hae.


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos