Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Davida o tsoha fatshe, a itlhatswa, a tlola, a apara diaparo disele; a kena tlung ya Jehova, a kgumama teng, a ba a boela hae, a qela dijo, mme ba mo tlisetsa, a ja.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Davida a phahama fatshe, a itlhatswa, a itlotsa, a apara diaparo disele, a ya tlung ya Morena, mme a rapela. Jwale a kgutlela tlung ya hae, a kopa dijo, ba mo ngwathela, a ja.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:20
20 Referencias Cruzadas  

Davida a mpa a bona hobane bahlanka ba hae ba nyenyeletsana; yaba Davida o lemoha hobane ngwana o timetse, Davida a re ho bahlanka ba hae: Ha ke re, ngwana o shwele na? Ba re: O shwele.


Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: Taba ena o e etsang e isa kae na? Eitse ngwana ha a sa phela, wa itima dijo, wa lla; athe jwale ngwana ha a timetse, o tsohile, o bile o a ja?


Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;


Mefiboshethe, mora Saule, le yena a tla kgahlanyetsa morena: o ne a sa ka a itlhatswa maoto, leha e le ho lokisa ditedu tsa hae, leha e le ho hlatswa diaparo tsa hae haesale morena a tloha, ho fihlela a ba a kgutla ka kgotso.


Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.


Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Morena Jehova, nna ke mang, le ntlo ya ka keng, ha o ntlisitse ho fihlela mona?


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.


Boka Jehova, moya wa ka; tsohle tse ka ho nna a di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng!


Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Diaparo tsa hao di nne di be tshweu, ole e se ke ya hlokahala hloohong ya hao.


Haele wena, enore ha o itima dijo, o itlotse hlooho, o iphotle sefahleho;


Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole; empa enwa o tlotsitse maoto a ka ka setlolo,


O iphotle, o tlole, o apare dikobo tsa hao, o theohele seotlong; o mpe o se ke wa ipontsha monna eo, a eso ho qete ho ja le ho nwa.


O ke o ntshwarele sebe sa ka, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova.


Samuele a kgutla kahoo le Saule, mme Saule a kgumamela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos