Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane a role thapo, Davida a romela ho mo nkela ha hae, ya eba mosadi wa hae, a ba a mo tswalla moshemane. Empa taba ena, e entsweng ke Davida, ya eba mpe mahlong a Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 11:27
16 Referencias Cruzadas  

Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.


O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Akabe, ha a utlwa hobane Nabothe o shwele, a tloha, a theohela tshimong ya merara ya Nabothe wa Jisreele, a e nka.


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Taba eo ya eba mpe mahlong a Modimo, mme a otla Iseraele.


o fedisa ba bolelang leshano. Haele batho ba madi le ba thetso, ke manyala ho Jehova.


Ho dutse jwalo le ya yang ho mosadi wa wa habo; ya mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato.


Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?


ha ba kgohlisa motho nyeweng ya hae, Morena na ha a bone na?


Jese a tswala morena Davida.


monna ya robetseng le yena o tla nea ntata morwetsana dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera, mme morwetsana e tla ba mosadi wa hae, kahobane o mo tlotlolotse; mme a ke ke a mo lahla, ha a ntse a phela.


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos