Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Oho, barwetsana ba Iseraele, llelang Saule ya neng a rata ho le apesa ka sekarelata, ya neng a homa diaparo tsa lona ka mekgabo ya kgauta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Lona, baradi ba Iseraele, llelang Saule! O le apesitse masela a mafubedu, a le apesa le mekgabiso, a homa aparo tsa lona ka mabenyane a kgauta.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:24
10 Referencias Cruzadas  

Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.


Dinatla di wele jwang bohareng ba ntwa? Jonathane o bolaetsweng diphahameng tsa hao?


Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Ha a tshohe lehlwa bakeng sa ba ntlo ya hae, hobane ba ntlo ya hae bohle ba apere dikobo tse futhumetseng.


Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.


a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos