Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Esere, leha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fihlela le eso ho lokise, ra tla ra hlajwa ke dihlong — ha ke sa re lona — tabeng eo re kileng ra ithorisa ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ho seng jwalo, ha ba bang ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba fumana hore ha le a itokisa, tshepo e kaalo eo re e beileng ho lona e tla re fetohela dihlong, ke se ke sa re letho ka lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Esere mohlomong, ha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fumana le eso ho itokise, rona re ka hlajwa ke dihlong boithorisong bona boo re ka ithorisang ka bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Esere mohlomong, ha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fumana le eso ho itokise, rona re ka hlajwa ke dihlong boithorisong bona boo re ka ithorisang ka bona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 9:4
7 Referencias Cruzadas  

Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong wa lona a bee kathoko ha hae seo a ka se bokellang, a lekanye ka seo a sitsitsweng ka sona, ho se ke ha lebellwa ho tla ha ka ho etsa dikabelo.


Seo ke se bolelang, ha ke lekanya tseo nka ithorisang ka tsona, ha ke se bolele ka mokgwa wa Morena, empa e le jwaloka hoja ke ka bowatla.


A le ke le bonahatseng lerato la lona pela dikereke, le kamoo re sa foseng ha re ithorisa ka lona kateng.


hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.


Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos