Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 le tle le ene kahohle, mme le tsebe ho fana ruri, e leng ntho e tla etswa teboho ho Modimo ke rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 le ruilwe nthong tsohle ho newa ka bongata, ho isang teboho ho Modimo ka rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 le ruilwe nthong tsohle ho newa ka bongata, ho isang teboho ho Modimo ka rona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 9:11
15 Referencias Cruzadas  

Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.


Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.


Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;


re ntse re thuswa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa yona, hore mohau oo re o batlelwang ke batho ba bangata, o lebohelwe rona ke ba bangata.


Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau ha o ntse o ata ka ba bangata, o tle o ngatafatse teboho, Modimo o be o tlotliswe.


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.


Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos