Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane leha ke le swabisitse ka lengolo la ka, ha ke inyatse ke hona; ha ke ne ke inyatse — ke fela ke bona hobane lengolo leo le le swabisitse, leha ekaba e bile ka motsotso o se okae —

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 hobane le haeba lengolo la ka le ile la le swabisa, ha ke ikwahlaye ha ke le ngotse. Ke ne nka ikwahlaya ka ho bona hore lengolo leo le ile la le swabisa nakwana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Hobane leha ke le swabisitse ka lengolo, ha ke bake, leha ke bakile;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane leha ke le swabisitse ka lengolo, ha ke bake, leha ke bakile;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:8
15 Referencias Cruzadas  

Leha a hlomodisa, le hona o utlwela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ya hae.


Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Bonang he, ha le swabile jwalo ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e bile taba e hlahisitseng mafolofolo a makakang ka ho lona, le boitlhatsuo bo bokakang, le hlonamo e kakang, le tshoho e kakang, le takatso e kakang, le tjheseho e kakang, le tayo e kakang! Le bonahaditse ka tsohle hoba le ne le se na molato tabeng eo.


Leha ke le ngoletse jwalo, e ne e se ka baka la ya sentseng, leha e le ka baka la ya senyeditsweng, empa e ne e le ho bonahatsa ho lona paballo eo re le etsetsang yona pela Modimo.


Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.


Mme hase ka ho fihla ha hae feela, hape e bile ka tshediso eo a tshedisitsweng bakeng sa lona ka yona, kamoo a re boleletseng hlolohelo ya lona kateng, ho lla ha lona, le kamoo le ntjhesehelang kateng; taba tseo tsa ba tsa nthabisa haholo.


jwale ke thabile, e seng kahobane le kile la swabiswa, empa e le kahobane maswabi a lona a hlahisitse pako; hobane le ile la swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo, mme ka mokgwa oo, ha re a ka ra le etsa hampe tabeng leha e le nngwe.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos