Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Re amoheleng; ha re a ka ra etsa motho hampe; ha re a ka ra senyetsa motho; ha re a ka ra ja motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Re amohele; ha re a sitelwa motho, ha rea ka ra senya motho, ha re a ka ra etsetsa motho bolotsana.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Re amohele; ha re a sitelwa motho, ha rea ka ra senya motho, ha re a ka ra etsetsa motho bolotsana.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:2
23 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.


Ya le amohelang o a nkamohela; mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


Leha e le motseng ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je se bewang pela lona.


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Ke a pheta, ke re: Motho a se ke a bolela hore ke lewatla; leha ho se jwalo, nkamoheleng, leha ke le lewatla, le nna ke tle ke ithorise hanyenyane.


Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Le fele le mo amohele Moreneng ka thabo yohle, mme le hlomphe batho ba jwalo.


Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.


Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.


Mo amohele hle, hobane ke pelo ya ka ka sebele.


Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.


Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos