Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka baka leo, leha a hopola kutlo ya lona bohle, le kamoo le mo amohetseng kateng, ka tshabo le ka thothomelo, lerato la hae ho lona le ntse le eketseha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Mme lerato la hae ho lona le atile haholo, ha a ntse a hopola kutlo ya lona bohle, kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le thothomelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Mme lerato la hae ho lona le atile haholo, ha a ntse a hopola kutlo ya lona bohle, kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le thothomelo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:15
23 Referencias Cruzadas  

Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.


Empa mosadi eo ngwana ya phelang e leng wa hae, a sehwa ke mala ka baka la ngwana hae, mme a bolella morena, a re: Oho, monga ka, ha ho mpe ho newe enwa ngwana ya phelang, a se ke a bolawa. Empa e mong a re: E ke ke ya eba wa ka, leha e le wa hao; a petsolwe.


Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


Ha phuthehela ho nna bohle ba thothometswang ke mantswe a Modimo wa Iseraele, ka baka la boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong; mme ka dula fatshe ke tshohile, ya ba ya eba nako ya sehlabelo sa mantsiboya.


Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!


Moratuwa wa me a kenya letsoho la hae ka lesobeng la monyako, mme pelo ya me ya mo opela.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.


Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.


Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.


Ha le a patisana ka teng ho rona, empa le patisane ka maleng a lona.


Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.


Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


Ekare ha e mong a sa utlwe mantswe a rona a lengolo lena, eo le mo kgethe, mme le se ke la kopana le yena, a tle a be le dihlong.


Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos