Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, e leng wona hape o re neileng tshebeletso ya poelano;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Tsena tsohle di tswa ho Modimo, ya ileng a re boelanya le yena ka Kreste, a ba a re nea mosebetsi wa ho boelanya batho ba bang le yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, wa re nea tshebeletso ya poelano;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, wa re nea tshebeletso ya poelano;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:18
29 Referencias Cruzadas  

A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.


Ho ntshwe nku e le nngwe ho tse makgolo a mabedi naheng e noseditsweng ya Iseraele, ho etsa dinyehelo, le ditjheso le mahlabelo a teboho, ho ba etsetsa pheko ka tsona: ho bolela Morena Jehova.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.


Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Hobane ntho tsohle di tswa ho yena, di eme ka yena, mme di etsetswa yena. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Jwale, ha re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso ho Modimo, ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hobane jwalokaha mosadi a nkilwe monneng, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.


Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle.


Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


leha ho le jwalo, ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, e leng oo tsohle di tswang ho wona, oo re leng ho wona; mme re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle di entsweng ka yena, le rona re leng ka yena.


jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.


Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos