Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a ntse a senyeha, motho wa kahare, yena, o ntse a ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:16
22 Referencias Cruzadas  

KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.


Hola ke sa ka ka dumela hoba ke tla bona molemo wa Jehova lefatsheng la ba utlwang, nka be ke timetse!


Oho Modimo, o bope kahare ho nna pelo e hlwekileng, o boele o lokise kahare ho nna moya o tiileng!


Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


O ipolella, o re: Ho madimabe nna, hobane Jehova o ekeleditse bohloko ba ka ka hlomoho; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke bone kgatholoho.


o re fe, ka matsatsi wohle, bohobe ba rona, bo lekanang letsatsi le leng le le leng;


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Mme haele nna, nke ke ka kganana ho ntshetsa le ho ntshetswa meya ya lona; leha ke ratwa hanyenyane, ke ntse ke le rata haholo.


Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.


Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,


le ho ntjhafala mehopolong ya dipelo tsa lona,


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


empa le hlophise motho ya ka sephiring, e leng wa pelo, ka kgabo e sa senyeheng ya moya o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha ho Modimo.


Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos