Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu, o tla re tsosa le rona ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 hobane re a tseba hore ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa le Jesu, a re hlahise le lona pela hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:14
16 Referencias Cruzadas  

Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.


Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.


a tle a ikemisetse yona pela hae, e le kereke e kganyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le jwaloka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekodi.


jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.


Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos