Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Efela se neng se na le kganya pele, ha se sa na kganya, ha se bapiswa le kganya ena e fetisang haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ebile tlotla e neng e kganya hakaalo ka nako e fetileng ha e sa kganya, ka baka la tlotla e kgolohadi ya jwale.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane le sona se neng se tlotlisitswe ha se a ka sa kganya ka mokgwa oo, ka baka la kganya e fetisisang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane le sona se neng se tlotlisitswe ha se a ka sa kganya ka mokgwa oo, ka baka la kganya e fetisisang.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:10
11 Referencias Cruzadas  

Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


Ke mang ho lona ya setseng ho ba kileng ba bona ntlo ena kganyeng ya yona ya pele? Mme jwale, le e bona e le jwang? Ha ke re, e ka lefeela mahlong a lona?


hela! morena, e le motshehare, ha ke le tseleng, ka bona lesedi le tswang lehodimong, le fetisang la letsatsi ka ho kganya, le nteela hare le bao ke tsamayang le bona.


Hobane se neng se tla fela ha se ne se tle ka kganya, haholo se sa feleng se tiya ka kganya hakakang!


Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!


Hobane enereha a fuwa hlompho le tlotliso ke Modimo, Ntatae, mohla lentswe le mo tlelang, le etswa kganyeng e phahameng le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena;


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos