Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ke le ngoletse hore ke nonye maikutlo a lona, ke tle ke be le bopaki ba hore na le mamela dinthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hobane le hona ke le ngoletse hore ke tle ke tsebe ho bona hore na le na le kutlo nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane le hona ke le ngoletse hore ke tle ke tsebe ho bona hore na le na le kutlo nthong tsohle.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 2:9
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.


Mme re itokiseditse ho kgalemela ho se utlwe hohle, mohla kutlo ya lona e phethehang.


Leha ke ne ke le ngolle jwalo, e ne e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka swabiswa ke bao ke tshwanetseng ho thabiswa ke bona; kamoo ke ntseng ke le tshepile kaofela kateng, hobane thabo ya ka ke ya lona bohle.


Hobane nkile ka le ngolla ke hlomohile haholo, ka pelo e tsietsweng le ka meokgo e mengata; mme e ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe lerato le tlodisang leo ke le ratang ka lona.


Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le mmontshe lerato la lona;


Ke hobane, mahareng a moleko wa mahlomola a maholo, thabo ya tsona ya nna ya eketseha, mme bofumanehi bo boholo ba tsona bo tsholotse monono wa ho fana ha bona.


A le ke le bonahatseng lerato la lona pela dikereke, le kamoo re sa foseng ha re ithorisa ka lona kateng.


o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.


Ekare ha e mong a sa utlwe mantswe a rona a lengolo lena, eo le mo kgethe, mme le se ke la kopana le yena, a tle a be le dihlong.


Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos