Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Hape, ha ke fihla Troase ho bolela Evangeli ya Kreste, mme ke buletswe monyako wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hape, ha ke fihla Troase ho bolela Evangeli ya Kreste, mme ke buletswe monyako wa Morena.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 2:12
20 Referencias Cruzadas  

Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Eitse ha re tloha Troase ka sekepe, ra leba Samothrase; hosasane ra fihla Neapolise.


Eitse hobane ba haole naha ya Misia, ba theohela Troase.


Athe dilampi di ne di le ngata tlung eo e kahodimo moo re neng re phuthehetse teng.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.


Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!


Hobane ha re ikotlolle ka ho fetisa, jwaloka hoja ha re a fihla le ha heno, athe re fihlile le ha heno ka Evangeli ya Kreste.


Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.


Kapa ke sitilwe ha ke ikokobeditse, le tle le phahamiswe, kahoba ke le boleletse Evangeli ya Modimo feela-feela na?


Ekare ha Evangeli ya rona e kwahetswe, e kwahelletswe ba timelang;


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli;


Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle.


Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos