Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe le hanyenyane; e seng hore re bonahale hoba re ba lokelwang ke ho amohelwa, empa e le hore le etse hantle, leha rona re ka ba jwaloka hoja re se na ho amohelwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwale re le rapella ho Modimo hore le sesefe bobe bohle, e se hore rona re bonahale re le ba amohelehileng, empa e le hore lona le etse botle, leha e ka rona ha re a amoheleha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Jwale ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe; e seng hore re bonahale re amohetswe, empa e le hore lona le etse ho lokileng, leha rona re le jwaloka ba nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Jwale ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe; e seng hore re bonahale re amohetswe, empa e le hore lona le etse ho lokileng, leha rona re le jwaloka ba nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 13:7
25 Referencias Cruzadas  

Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng.


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.


Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.


Ntumedisetseng Apelle, ya kgabane ho Kreste. Ntumedisetseng le ba ha Aristobule.


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.


Hobane ya dumelehang hase ya ikemelang, empa e le ya emelwang ke Morena.


Empa ke tshepa hoba, haele rona, le tla lemoha hobane re lokelwa ke ho amohelwa.


Hobane ha re na matla le a manyenyane ho hanela nnete, empa e le ho emela nnete.


Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.


Re mpa re iketsetsa kahohle kemelo e loketseng bahlanka ba Modimo, ka tiisetso e kgolo mahlomoleng, le bofumeng, le ditsietsing,


Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.


O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos