Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 13:4
26 Referencias Cruzadas  

Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.


Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebe kannete, hobane Jesu eo le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Kreste.


Ke kahobane re dumetse lebitso la hae, lebitso la hae le tiisitseng motho eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho yena Jesu e mo fodisitse hantlentle pontsheng ya lona kaofela.


ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;


Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.


Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.


Hobane bohlanya ba Modimo bo fetisa bohlale ba batho, le ho fokola ha Modimo ho fetisa matla a batho.


o jalwa e le ntho e nyatsuwang, o tla tsoha o kganya; o jalwa o fokotse, o tla tsoha o le matla;


Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.


Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.


ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos