Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Yaba o re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane; Ka baka leo, ke tla ithorisa ka mefokolo ya ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a be hodima ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Yaba o re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane; Ka baka leo, ke tla ithorisa ka mefokolo ya ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a be hodima ka.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:9
38 Referencias Cruzadas  

Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


O theile kganya ya hao ka molomo wa bana le wa ba anyeswang ka baka la ba o lwantshang, ho kgutsisa sera sa hao le moiphetetsi.


Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


hore tumelo ya lona e se ke ya thewa bohlaleng ba batho, e mpe e thewe matleng a Modimo.


Ha ho ka thwe, ho ke ho ithoriswe, nna ke tla ithorisa ka tsa ho fokola ha ka!


Ke tshwanetse ho ithorisa; empa ha ho nthuse letho. Leha ho le jwalo, ke tla fihlisa mehlolong le ditshenolong tsa Morena.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Mme haele nna, nke ke ka kganana ho ntshetsa le ho ntshetswa meya ya lona; leha ke ratwa hanyenyane, ke ntse ke le rata haholo.


Nka ithorisa ka motho eo; empa nke ke ka ithorisa ka nna, haese ka mefokolo ya ka.


Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.


le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo;


Mme mohau wa Morena wa rona o ntletse ka ho fetisisa, ka tumelo le ka lerato le ho Jesu Kreste.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos