Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 o kile a nkelwa Paradeiseng, mme a utlwa ditaba tse se nang ho bolelwa, tseo motho a ke keng a dumellwa ho di hlahisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 o kile a nkelwa paradeising, a utlwa mantswe a ke keng a buuwa, ao motho a sa dumellwang ho a bolela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Hobane o ile a nkelwa paradeiseng, mme a utlwa dipolelo tse ke keng tsa bolelwa, tseo ho seng molaong hore motho a di bue.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane o ile a nkelwa paradeiseng, mme a utlwa dipolelo tse ke keng tsa bolelwa, tseo ho seng molaong hore motho a di bue.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:4
9 Referencias Cruzadas  

Ke ne ke e entse e ntle ka bongata ba makala a yona; difate tsohle tsa Edene, tse tshimong ya Modimo, di ne di le mona ho yona.


A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.


Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.


Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.


Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke jwaloka koporo e llang, leha e le simbala e modumo o moholo.


Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —


Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.


A beleha mora, ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe; mme ngwana hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos