Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Dihlomo tseo re lwanang ka tsona hase tsa botho, ke tse matla, tsa Modimo, tse heletsang diqhobosheane. Re shanofatsa dipolelo tsa bohata,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 (Hobane dihlomo tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di matla ka Modimo ho heletsa diqhobosheane;)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 (Hobane dihlomo tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di matla ka Modimo ho heletsa diqhobosheane;)

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:4
28 Referencias Cruzadas  

Jehova o ya otlolla Sione molamu wa matla a hao: hloma mmuso wa hao hara dira tsa hao.


Mme hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, le hodima leralla le leng le le leng le hodileng, melatswana e tla ba teng ya metsi a phallang, mohla letsatsi la polao e kgolo, mohla ditora di wang.


Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.


Na lentswe la ka ha le jwaloka mollo, ho bolela Jehova, le jwaloka noto e thuhang lejwe na?


Moshe a rutwa bohlale bohle jwa Baegepeta, mme ya eba motho ya matla ditabeng le mesebetsing.


Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


hore tumelo ya lona e se ke ya thewa bohlaleng ba batho, e mpe e thewe matleng a Modimo.


Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?


Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;


Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


Haele wena, mamella bothata ka mokgwa wa mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste.


Ka tumelo, marako a Jeriko a wele, hobane a potolohuwe ka matsatsi a supileng.


Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos