Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Haele rona, re ke ke ra ithorisa ho tlodisa tekanyo, eo re e lekanyeditsweng; empa e le ka tekanyo ya sebaka seo Modimo o re aroletseng sona, kamoo o re fihlisitseng le ha heno kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Rona ha re ka ke ra ithorisa ho feta tekanyo, haese ka ho ya ka tekanyetso ya mosebetsi oo Modimo a re abetseng wona, esita le ho tla fihla mona ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Empa rona re ke ke ra ithorisa ho feta tekanyo, empa e le ka tekanyo ya tekanyo eo Modimo a re abetseng yona, ho isa le ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa rona re ke ke ra ithorisa ho feta tekanyo, empa e le ka tekanyo ya tekanyo eo Modimo a re abetseng yona, ho isa le ho lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:13
12 Referencias Cruzadas  

Tumo ya tsona e hasane lefatsheng lohle, dipolelo tsa tsona di ile pheletsong ya lefatshe. O hlometse letsatsi ntlo ya lona teng;


Ya ithorisang ka ho fana ha leshano, o jwaloka maru le moya o fokang, pula e le siyo.


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong a mo nea di le pedi, e mong a newa e le nngwe; e mong le e mong a newa ka matla a hae; yaba o a tsamaya.


Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.


Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;


Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.


Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Empa e mong le e mong ho rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste.


E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos