Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, ya siilweng a nnotshi, o itshepetse Modimo, mme o tiisetsa diqelong le merapelong, bosiu le motshehare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, mme a lahlilwe, o tshepile Modimo, mme o tiisetsa merapelong le merapelong bosiu le motsheare.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, mme a lahlilwe, o tshepile Modimo, mme o tiisetsa merapelong le merapelong bosiu le motsheare.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 5:5
27 Referencias Cruzadas  

O o kgurumetsa ka masiba a hae, o bona tshireletso katlasa mapheo a hae; nnete ya hae ke thebe le thejana.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


Mme o tla re pelong ya hao: Ke mang ya ntswaletseng bao? Hobane ke ne ke timeletswe ke bana, ke le moopa ya lelekilweng, ya hladilweng; na bao ke ba hodiseditswe ke mang? Bonang! ke ne ke siilwe ke nnotshi; bona ba ne ba le kae?


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.


A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.


Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!


Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?


mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.


eo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e lebeletseng ho etsahala ha yona, e ntse e sebeletsa Modimo, bosiu le motshehare; ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.


Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng.


Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.


ke ho re, ha ke ena le lona, re tshedisane ka tumelo e leng ho lona le ho nna.


eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;


Nka rata hore le hloke pelaelo. Ya sa nyalang o hlokomela tseo e leng tsa Morena, le kamoo a ka kgahlisang Morena kateng.


Mosadi ya nyetsweng le morwetsana ha ba tshwane. Ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele mmeleng le moyeng; empa ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang monna wa hae kateng.


Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.


Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.


Jwale, kgothatso ya ka ya sehlooho, ke re: Diqelo, le merapelo, le dithapello, le diteboho, di etsetswe batho bohle,


Ekare ha modumedi a le teng, wa monna, kapa wa mosadi, ya nang le bahlolohadi, ba ke ba baballwe ke yena, mme kereke e se ke ya etsetswa boima, e tle e tsebe ho thusa bao e leng bahlolohadi ruri.


Hlonepha basadi ba bahlolohadi, bao e leng bona ruri.


Ke leboha Modimo oo ke o sebeletsang ka letswalo le lesweu, jwaloka bontate moholo, hoba ha ke phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motshehare;


Hobane ke ka mokgwa o jwalo, kgale, le bona basadi ba halalelang, ba tshepileng Modimo, ba neng ba ikgabisa, ha ba ne ba utlwa banna ba bona;


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos