Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 4:12
19 Referencias Cruzadas  

la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Le be baetsisi ba ka, jwalokaha le nna ke le wa Kreste.


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Le lona le fetohile baetsisi ba rona le ba Morena, ka ho amohela lentswe, hara matshwenyeho a maholo, ka thabo ya Moya o Halalelang;


Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.


Mme mohau wa Morena wa rona o ntletse ka ho fetisisa, ka tumelo le ka lerato le ho Jesu Kreste.


O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.


Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos