Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ho marena le bohle ba boholong; re tle re phele bophelo bo khutsitseng le bo nang le khotso, ka borapeli bohle le ka bokhabane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ho marena le bohle ba boholong; re tle re phele bophelo bo khutsitseng le bo nang le khotso, ka borapeli bohle le ka bokhabane.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 2:2
22 Referencias Cruzadas  

Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?


ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


Oho Modimo, o nee morena dikahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuwe mora morena.


Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;


Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.


Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.


Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos